Phallo 11:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ke sa tla tlisa sewa se seng hape hodima Faro le hodima Egepeta; kamorao ho moo o tla le lokolla, le tsamaye. Ha a le lokolla, o tla hle a le leleke ho hang.

2. Jwale bua moo batho ba utlwang, hore monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahelaneng le yena dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta.”

3. Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.

Phallo 11