Phallo 10:9-22 BIBELE (SSO89SO)

9. Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”

10. Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo!

11. Le ho ka! A ho tsamaye lona banna, hona jwale, le yo sebeletsa Morena, hobane ke sona seo le neng le se batla.” Yaba ba lelekwa kapele ho Faro.

12. Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta, hore ditsie di tle; di aparele naha ya Egepeta, di je dimela tsohle tsa naha, le tsohle tse siilweng ke sefako.”

13. Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.

14. Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng.

15. Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta.

16. Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.

17. Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”

18. Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena.

19. Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.

20. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.

21. Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.”

22. Moshe a phahamisetsa letsoho la hae mahodimong, mme ka matsatsi a mararo lefifi la bonkantjana la aparela naha yohle ya Egepeta.

Phallo 10