6. Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena.> ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro.
7. Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”
8. Bo-Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena, Modimo wa lona. Feela ke bo-mang ba tla ya?”
9. Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”
10. Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo!