Phallo 10:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”

18. Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena.

19. Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.

20. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.

21. Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.”

22. Moshe a phahamisetsa letsoho la hae mahodimong, mme ka matsatsi a mararo lefifi la bonkantjana la aparela naha yohle ya Egepeta.

23. Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng.

24. Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.”

25. Yaba Moshe o re: “Le wena he, o tlameha ho re nea diphoofolo tsa sehlabelo le tsa setjheso, re tle re etsetse Morena Modimo wa rona, sehlabelo.

26. Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”

27. Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a utlwisisa ho ba lokolla.

28. Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O itlhokomele, ke se hlole ke o bona hape, hobane mohla nka tshohang ke o bona hape, ke tla o bolaya!”

29. Moshe a re: “O buile hantle! Ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao hape!”

Phallo 10