Phallo 10:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng.

15. Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta.

16. Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.

17. Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”

18. Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena.

19. Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.

Phallo 10