1. Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro. Ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse mehlolo ena ya ka hara bona;
2. le hore o tle o tsebe ho phetela bana ba hao le ditloholo tsa hao, kamoo ke neng ke bapale ka Baegepeta kateng; le ho ba phetela mehlolo ena ya ka, eo ke e entseng hara Baegepeta. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena.”
3. Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: <O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.
4. Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao.
5. Di tla aparela naha yohle, mme ha ho le ya mong ya tla tseba ho bona mobu. Di tla ja tsohle tse ileng tsa siuwa ke sefako, di je difate tsohle tsa lona tse melang.
6. Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena.> ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro.