Phallo 1:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele,

13. ba ba sebedisa hampe, e le makgoba.

14. Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.

15. Jwale kgosi ya Egepeta ya bua le babelehisi ba neng ba belehisa basadi ba Baheberu; lebitso la e mong wa bona e ne e le Shifera, wa bobedi e le Pua;

16. ya re: “Ha le belehisa basadi ba Baheberu, le hlahlobe bana; ha e le wa moshanyana le mmolaye, ha e le wa ngwanana le mo tlohele a phele.”

17. Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.

18. Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?”

Phallo 1