Phallo 1:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.

12. Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele,

13. ba ba sebedisa hampe, e le makgoba.

14. Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.

15. Jwale kgosi ya Egepeta ya bua le babelehisi ba neng ba belehisa basadi ba Baheberu; lebitso la e mong wa bona e ne e le Shifera, wa bobedi e le Pua;

Phallo 1