Phallo 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ana ke mabitso a bara ba Iseraele, ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ile le lelapa la hae:

2. Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda;

3. le Isakare, le Sebulone, le Benjamine;

4. le Dane, le Nafthali, le Gade, le Ashere.

5. Batho bohle ba leloko la Jakobo e ne e le mashome a supileng. Josefa yena o ne a se a le Egepeta.

6. Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle.

7. Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.

8. Kgosi e ntjha, e neng e sa ka ya tseba Josefa, ya busa Egepeta.

9. Yaba e re ho batho ba yona: “Bonang, setjhaba sena sa bana ba Iseraele se sengata ho re feta, se bile se matla ho re feta.

10. Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.”

Phallo 1