Obadiya 1:7-13 BIBELE (SSO89SO)

7. Bohle ba thusanang le wenaba o thetsitse,ba o kgarameletsa meeding;balekane ba hao ba o kgelositse,metswalle eo o e tshepange o tjhehetse leraba,empa wena ha o ka ke wa le bona.

8. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“na ha ke tlo timetsabahlalefi ba Edomo,thabeng ya Esauke fedise ba nang le kutlwisiso?

9. Wena Temana, bahlabani ba haoba tla thothomela,bohle ba bolawe,ba bolaelwe thabeng ya Esau.

10. “Kaha o no hlekefetsengwaneno Jakobo,dihlong di tla o aparela,wena o timele, o timelle ruri!

11. Mohla o no emeletse kathoko,ha baditjhaba ba hahara leruo la hae,melata e kena ka dikgoro,ka kgoro tsa metse ya hae,e laola Jerusalema ka lotho,o ne o ka e mong wa baditjhaba.

12. Mohla ngwanenoa hlahetsweng ke bomadimabe,o se ke wa mo shebela maotong;mohla tjhaba sa Bajudase timetswang,o se thabeleho timetswa hoo ha sona;le mohla se leng makaqabetsing,o se ke wa ithorisa hakaalo.

13. Mohla tjhaba sa kase wetsweng ke koduwa,o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona;mohla tjhaba sa kase leng hara bomadimabe,o se ke wa se somela bomadimabe boo;le mohla se leng hara ditlokotsi,o se ke wa ikgapela maruo a sona.

Obadiya 1