Obadiya 1:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. Leha o ka fofela hodimo sa ntsu,wa haha hlaha sa hao,wa se haha hara dinaledi,ke tla o tlosa hona moo,ke o theole,”ho rialo Morena.

5. “Ha mashodua ka o futuhela bosiu,dinokwane tsa o nanarela bosiu,leha tshenyehelo ya haoe tla ba kgolo,na a ke ke a utswa feelatseo a di hlokang?Ha bakotudi ba moraraba o kotulela,na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?

6. Esau o runtsolotswe hakaakang!Matlotlo a hae a patilwenga lobelwa hakaakang!

7. Bohle ba thusanang le wenaba o thetsitse,ba o kgarameletsa meeding;balekane ba hao ba o kgelositse,metswalle eo o e tshepange o tjhehetse leraba,empa wena ha o ka ke wa le bona.

8. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“na ha ke tlo timetsabahlalefi ba Edomo,thabeng ya Esauke fedise ba nang le kutlwisiso?

9. Wena Temana, bahlabani ba haoba tla thothomela,bohle ba bolawe,ba bolaelwe thabeng ya Esau.

10. “Kaha o no hlekefetsengwaneno Jakobo,dihlong di tla o aparela,wena o timele, o timelle ruri!

Obadiya 1