Obadiya 1:13-17 BIBELE (SSO89SO)

13. Mohla tjhaba sa kase wetsweng ke koduwa,o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona;mohla tjhaba sa kase leng hara bomadimabe,o se ke wa se somela bomadimabe boo;le mohla se leng hara ditlokotsi,o se ke wa ikgapela maruo a sona.

14. Mohla tsatsi la sona la ditsietsi,o se ke wa lalla mateanong a ditsela,hore o bolayebaphaphathehi ba sona,le ho neelanaka ba phonyohileng ba sona.

15. “Tsatsi la Morena le atametse,le tla tjhabela ditjhaba kaofela.Kgalapa di tla buseletsana,molamu o boele sefateng.

16. Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng,la se nwella thabeng ya ka,thaba e halalelang,ditjhaba tsohledi tla se nwa ho-ya-ho-ile;di tla se nwa, di be di minyeletse,di be jwaloka hola di eso be teng.

17. “Ba phonyohilengba tla ba thabeng ya Sione,yona e be sebaka se halalelang;ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona.

Obadiya 1