1. Ena ke pono ya Obadiya.Morena Modimoo bua tjena ka Edomo:Re utlwile molaetsao tswang ho Morena,leqosa le rometswe ho baditjhaba,le re: “Emang,re futuheleng Edomo!”
2. “Wena Edomo,ke tla o nyenyefatsa,ke o nyenyefatse hara baditjhaba,ba tle ba o nyope, ba o nyedise.
3. Boikgohomoso ba pelo ya haobo o thetsitse,wena ya phelang mafarung,hara mafika,eo leaho la haole leng hara dithaba,wena ya ithorisang ka ho re:<Ke mangya ka ntheolelang tlase?>
4. Leha o ka fofela hodimo sa ntsu,wa haha hlaha sa hao,wa se haha hara dinaledi,ke tla o tlosa hona moo,ke o theole,”ho rialo Morena.
5. “Ha mashodua ka o futuhela bosiu,dinokwane tsa o nanarela bosiu,leha tshenyehelo ya haoe tla ba kgolo,na a ke ke a utswa feelatseo a di hlokang?Ha bakotudi ba moraraba o kotulela,na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?
6. Esau o runtsolotswe hakaakang!Matlotlo a hae a patilwenga lobelwa hakaakang!
7. Bohle ba thusanang le wenaba o thetsitse,ba o kgarameletsa meeding;balekane ba hao ba o kgelositse,metswalle eo o e tshepange o tjhehetse leraba,empa wena ha o ka ke wa le bona.
8. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“na ha ke tlo timetsabahlalefi ba Edomo,thabeng ya Esauke fedise ba nang le kutlwisiso?
9. Wena Temana, bahlabani ba haoba tla thothomela,bohle ba bolawe,ba bolaelwe thabeng ya Esau.
10. “Kaha o no hlekefetsengwaneno Jakobo,dihlong di tla o aparela,wena o timele, o timelle ruri!
11. Mohla o no emeletse kathoko,ha baditjhaba ba hahara leruo la hae,melata e kena ka dikgoro,ka kgoro tsa metse ya hae,e laola Jerusalema ka lotho,o ne o ka e mong wa baditjhaba.
12. Mohla ngwanenoa hlahetsweng ke bomadimabe,o se ke wa mo shebela maotong;mohla tjhaba sa Bajudase timetswang,o se thabeleho timetswa hoo ha sona;le mohla se leng makaqabetsing,o se ke wa ithorisa hakaalo.
13. Mohla tjhaba sa kase wetsweng ke koduwa,o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona;mohla tjhaba sa kase leng hara bomadimabe,o se ke wa se somela bomadimabe boo;le mohla se leng hara ditlokotsi,o se ke wa ikgapela maruo a sona.
14. Mohla tsatsi la sona la ditsietsi,o se ke wa lalla mateanong a ditsela,hore o bolayebaphaphathehi ba sona,le ho neelanaka ba phonyohileng ba sona.
15. “Tsatsi la Morena le atametse,le tla tjhabela ditjhaba kaofela.Kgalapa di tla buseletsana,molamu o boele sefateng.