Nehemia 9:35-38 BIBELE (SSO89SO)

35. Leha ba ne ba buswake kgosi tsa bona,ba iketlile,ba eja poqo-ka-hlanaka,naheng e batsi, e manoni,eo o ba fileng yona,ha ka ba o sebeletsa,ha ba a ka ba furallamakgopo a bona.

36. Kajeno re makgobanaheng ya bo-ntata rona,naha eo o neng o ba abele yona,hore ba je tholwana tsa yonale menono ya yona;jwale ke mona re makgoba ho yona!

37. Menono e mengata ya naha eoe jewa ke dikgositseo o di beileng hodima rona,wa di bea ka baka la dibe tsa rona;di re busa,le makgomo a ronadi iketsetsa borata,mme rona re phelakahara tlokotsi tse kgolo!”

38. “Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”

Nehemia 9