32. “Jwale, ka baka lena,wena Modimo wa rona,Modimo e moholo,ya matla, Ramatshabeho,ya bolokang selekane sa hae,ya hauhelang,tsietsi tsohle tse re hlahetsengo se ka di bebola:Tse hlahetseng kgosi tsa ronale mahosana a rona,baprista ba ronale baporofeta ba rona,bo-ntata ronale tjhaba sena sa hao sohle,ho tloha mehlengya dikgosi tsa Asure,ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!
33. Ho tsohle tse re hlahetsengo sebeditse ka toka,o tshepahetse haholo,rona re entse bokgopo.
34. Kgosi tsa ronale mahosana a rona,baprista ba rona le bo-natata rona,bohle ha ba a bolokaMolao wa hao,kapa ba mamela ditaelo tsa hao,le dikgalemelotseo o ba etseditseng tsona.
35. Leha ba ne ba buswake kgosi tsa bona,ba iketlile,ba eja poqo-ka-hlanaka,naheng e batsi, e manoni,eo o ba fileng yona,ha ka ba o sebeletsa,ha ba a ka ba furallamakgopo a bona.
36. Kajeno re makgobanaheng ya bo-ntata rona,naha eo o neng o ba abele yona,hore ba je tholwana tsa yonale menono ya yona;jwale ke mona re makgoba ho yona!
37. Menono e mengata ya naha eoe jewa ke dikgositseo o di beileng hodima rona,wa di bea ka baka la dibe tsa rona;di re busa,le makgomo a ronadi iketsetsa borata,mme rona re phelakahara tlokotsi tse kgolo!”