Nehemia 9:28-36 BIBELE (SSO89SO)

28. Ha ba se ba phomotseba etsa bokgopo mahlong a hao,wa ba tlohella dira tsa bonatsa ba busa;ba boela ba kgutlela ho wena,ba ipiletsa,wena wa ba utlwao le hodimong la hao,ka makgetlo wa ba lopolla,ho ya ka mehauhelo ya hao.

29. Wa ba kgalemelahore ba kgutlele Molaong wa hao,empa ba ikakasa,ba se ke ba mamela Molao wa hao.Ba tlola taelo tsa hao,taelo tse phedisang ba di phethang,ba o fetohela, ba ba manganga,ba ba ba se ke ba o mamela.

30. Ka dilemolemo wa ba mamella,wa iphapanya,wa ba kgalemaka baporofeta ba hao,ka baporofetaba susumetswa ke Moya wa hao,empa tsebe tsa bonatsa se ke tsa sekeha,yaba o neelana ka bonaho baahi ba naha tseo.

31. Empa ka baka la mehauheloe meholo ya hao,ha o a ka ba timetsale ho ba furalla,hobane o Modimo ya lereko,ya mohau.

32. “Jwale, ka baka lena,wena Modimo wa rona,Modimo e moholo,ya matla, Ramatshabeho,ya bolokang selekane sa hae,ya hauhelang,tsietsi tsohle tse re hlahetsengo se ka di bebola:Tse hlahetseng kgosi tsa ronale mahosana a rona,baprista ba ronale baporofeta ba rona,bo-ntata ronale tjhaba sena sa hao sohle,ho tloha mehlengya dikgosi tsa Asure,ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!

33. Ho tsohle tse re hlahetsengo sebeditse ka toka,o tshepahetse haholo,rona re entse bokgopo.

34. Kgosi tsa ronale mahosana a rona,baprista ba rona le bo-natata rona,bohle ha ba a bolokaMolao wa hao,kapa ba mamela ditaelo tsa hao,le dikgalemelotseo o ba etseditseng tsona.

35. Leha ba ne ba buswake kgosi tsa bona,ba iketlile,ba eja poqo-ka-hlanaka,naheng e batsi, e manoni,eo o ba fileng yona,ha ka ba o sebeletsa,ha ba a ka ba furallamakgopo a bona.

36. Kajeno re makgobanaheng ya bo-ntata rona,naha eo o neng o ba abele yona,hore ba je tholwana tsa yonale menono ya yona;jwale ke mona re makgoba ho yona!

Nehemia 9