Nehemia 9:21-26 BIBELE (SSO89SO)

21. Ka lemo tse mashome a mane,lehwatateng, wa ba fepa,ba se ke ba hloka letho;aparo tsa bonatsa se ke tsa taboha,maoto a bona a se ke a ruruha.

22. “Wa ba nea mebuso le baditjhaba,wa ba abela dibaka tsa bona;ba ikgapela naha ya Sihone,le ya kgosi ya Heshebone,ba hapa le naha ya Oge,kgosi ya Bashane.

23. Wa anafatsa bana ba bonasa naledi tsa lehodimo,wa ba fihlisa nahenge tshepisitsweng bo-ntata bona,hore ba kene ho yona,ba ikgapele yona.

24. bana bao ba kena,ba ikgapela naha;wa kokobetsa Bakanana,baahi ba pele ba naha,wa neelana ka bonamatsohong a Baiseraele,hore ka kgosi tsa bonaho etswe borata,le ka baahi ba tsona.

25. Ba hapa diqhobosheanele naha e manoni,ba hapa le matloa tletseng mefuta yohle ya thepa;didiba tse tjhekilweng,masimo a morara le a mohlwaare,le fate tsa tholwanatse ke ke be tsa balwa.Ba eja, ba kgora, mme ba atleha,ba atleha, ba phela ka boiketlo,tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.

26. “Leha ho le jwalo,ba se ke ba o mamela,ba se ke ba o mamela, ba o fetohela,Molao wa hao ba o siya morao;baporofeta ba haobona ba ba bolaya,ha ba ba kgalemellaho ba busetsa ho wena;kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!

Nehemia 9