Nehemia 9:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Empa bona, le bo-ntata rona,ba ikakasa, ba ba manganga,ba se ke ba mamela melao ya hao.

17. Ba hana ho mamela,ba lebala ketso tsa hao,dimakatso tsa hao,tse entsweng hara bona;ba se ke ba di natsa,ba ba manganga,ba o fetohela,ba ikgethela moetapele,hore a ba busetsebokgobeng ba bona.Empa o Modimoya tshwarelang kamehla,o lereko, o mohau,o dieha ho halefa,o bile o lerato,mme ha o a ka wa ba furalla.

18. Ba iketsetsa setshwantshosa namane, ba re:<Ke ona modimoo re ntshitseng Egepeta!>Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!

19. Empa ha o a ka wa ba furallalehwatateng,hobane mohau wa haoo moholo haholo;motsheare leru le lopaletsengha le a ka la nyamela,la nna la ba etella peletseleng ya bona;bosiu kganare e lopaletsengha e a ka ya fifala,ya nna ya ba bonesetsaha ba ntse ba tsamaya.

20. Wa ba romela Moya wa haoo molemo ho ba ruta,wa se ke wa ba tima manna a hao,wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.

21. Ka lemo tse mashome a mane,lehwatateng, wa ba fepa,ba se ke ba hloka letho;aparo tsa bonatsa se ke tsa taboha,maoto a bona a se ke a ruruha.

22. “Wa ba nea mebuso le baditjhaba,wa ba abela dibaka tsa bona;ba ikgapela naha ya Sihone,le ya kgosi ya Heshebone,ba hapa le naha ya Oge,kgosi ya Bashane.

23. Wa anafatsa bana ba bonasa naledi tsa lehodimo,wa ba fihlisa nahenge tshepisitsweng bo-ntata bona,hore ba kene ho yona,ba ikgapele yona.

24. bana bao ba kena,ba ikgapela naha;wa kokobetsa Bakanana,baahi ba pele ba naha,wa neelana ka bonamatsohong a Baiseraele,hore ka kgosi tsa bonaho etswe borata,le ka baahi ba tsona.

Nehemia 9