Nehemia 9:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong.

2. Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona.

3. Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.

4. Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.

5. Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re:“Emang, le boke MorenaModimo wa lona,ya hlolang kamehla yohle!Lebitso la hao le tlotlehangle bokwe,le fetang dipoko tsohlele dithoko tsohle!

6. “Oho, Morena, ke wena o inotshi,ya entseng mahodimo,le mahodimo a mahodimo,le dinaledi, le lefatshele tsohle tse ho lona,le mawatle,le tsohle tse ka ho wona;tsohle o babaletsebophelo ba tsona.Mabotho a lehodimoa a o kgumamela.

7. Ke wena Morena Modimoya neng a kgethe Aborame,wa mo ntsha naheng ya Ure,Ure ya Bakalatiya,wa mo rea lebitso la Aborahama.

8. Wa fumana a tshepahala ho wena,yaba o etsa selekane le yena;wa mo tshepisa nahaya Bakanana, le ya Bahete,ya Baamore, le Baperise,le Bajebuse, le Bagirigashe;wa e tshepisale ditloholo tsa hae;jwale o phethile tshepiso ya hao,hobane wena o lokile.

9. “O bone matshwenyehoa bo-ntata rona, Egepeta,wa utlwa sello sa bonaLewatleng le Lefubedu.

Nehemia 9