Nehemia 9:1-18 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong.

2. Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona.

3. Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.

4. Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.

5. Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re:“Emang, le boke MorenaModimo wa lona,ya hlolang kamehla yohle!Lebitso la hao le tlotlehangle bokwe,le fetang dipoko tsohlele dithoko tsohle!

6. “Oho, Morena, ke wena o inotshi,ya entseng mahodimo,le mahodimo a mahodimo,le dinaledi, le lefatshele tsohle tse ho lona,le mawatle,le tsohle tse ka ho wona;tsohle o babaletsebophelo ba tsona.Mabotho a lehodimoa a o kgumamela.

7. Ke wena Morena Modimoya neng a kgethe Aborame,wa mo ntsha naheng ya Ure,Ure ya Bakalatiya,wa mo rea lebitso la Aborahama.

8. Wa fumana a tshepahala ho wena,yaba o etsa selekane le yena;wa mo tshepisa nahaya Bakanana, le ya Bahete,ya Baamore, le Baperise,le Bajebuse, le Bagirigashe;wa e tshepisale ditloholo tsa hae;jwale o phethile tshepiso ya hao,hobane wena o lokile.

9. “O bone matshwenyehoa bo-ntata rona, Egepeta,wa utlwa sello sa bonaLewatleng le Lefubedu.

10. Wa etsetsa Faro dipontshole dimakatso,wa di etsetsa bahlanka ba hae,wa di etsetsa le tjhaba sohlesa naha ya hae,hobane o no tsebaboikalatiso ba bona,kamoo ba ikalatisetsangbona kateng.Bitso la hao la tuma,jwalokaha le tumile kajeno.

11. Wa phatlola lewatlekapele ho bona,ba tshela lewatlemobung o ommeng;baphaladisi ba bonawa ba akgela bodibeng,jwaloka lejwe ha le akgelwametsing a bilohang.

12. Motsheare wa ba etella peleka leru le lopaletseng,bosiu ka kganare e lopaletseng,ho ba bonesetsa tselaleetong la bona.

13. Wa ba wa theohelahodima Thaba Sinai,wa bua le bonao theoha lehodimong;wa ba nea kahlolo tse lokilengle melao ya nnete,temoso tse lokilengle tsona ditaelo.

14. Wa ba ruta Sabathase halalelang sa hao,ka mohlanka wa hao Moshewa ba beela melao,le ditaelo, le dikahlolo.

15. “Wa ba fepaka bohobe ba lehodimoha ba lapile,wa ba fa metsia tswang lefikengha ba nyorilwe,wa ba laela hore ba kene,ba ikgapele nahaeo o neng o hlapanyehore o tla ba nea yona.

16. Empa bona, le bo-ntata rona,ba ikakasa, ba ba manganga,ba se ke ba mamela melao ya hao.

17. Ba hana ho mamela,ba lebala ketso tsa hao,dimakatso tsa hao,tse entsweng hara bona;ba se ke ba di natsa,ba ba manganga,ba o fetohela,ba ikgethela moetapele,hore a ba busetsebokgobeng ba bona.Empa o Modimoya tshwarelang kamehla,o lereko, o mohau,o dieha ho halefa,o bile o lerato,mme ha o a ka wa ba furalla.

18. Ba iketsetsa setshwantshosa namane, ba re:<Ke ona modimoo re ntshitseng Egepeta!>Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!

Nehemia 9