4. Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.
5. Jwale Esera a phetla Buka moo setjhaba sohle se ntseng se mmona, hobane o ne a eme moo a neng a se phahametse. Eitse ha a e phetla, setjhaba sohle sa raoha!
6. Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena.
7. Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.
8. Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang.
9. Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.
10. Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
11. Balevi ba kgutsisa setjhaba sohle, ba re: “Kgutsang, le se ke la hlomoha, hobane letsatsi lena lea halalela.”
12. Yaba setjhaba sohle se a itsamaela; sa ya ja, sa ya nwa, sa abela ba hlokang. Sa nyakalla haholo, hobane se ne se utliwsisitse seo se se boleletsweng.
13. Ka letsatsi la bobedi dihlooho tsa malapa wohle a setjhaba, le baprista, le Balevi, ba kgobokanela ho Esera, eo e neng e le setsebi sa Molao, hore ba yo ithuta se bolelwang ke Molao.
14. Ba fumana hore Molaong oo Morena a ileng a laela Moshe ho ba beela wona, ho ngotswe hore ka mokete wa kgwedi ya bosupa bana ba Iseraele ba dule maphepheng,
15. le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.”