Nehemia 7:62-73 BIBELE (SSO89SO)

62. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi.

63. “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.

64. “Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.

65. Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.

66. “Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng;

67. ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano.

68. “Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, dimmeile di le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano,

69. dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, le ditonki tse dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.”

70. Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo.

71. Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme tsena tsohle ba di kenya ka letloleng, bakeng sa mosebetsi.

72. Setjhaba sona sa fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a mane, le diaparo tsa boprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.

73. Baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le karolo e nngwe ya setjhaba, le basebeletsi ba Tempele, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona.Ha kgwedi ya bosupa e thwasa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.

Nehemia 7