Nehemia 7:61-67 BIBELE (SSO89SO)

61. “Bana bohle ke ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba sitwa ho bontsha hore malapa abo bona, le dihlooho tsa bona ke Baiseraele.

62. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi.

63. “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.

64. “Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.

65. Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.

66. “Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng;

67. ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano.

Nehemia 7