Nehemia 7:55-64 BIBELE (SSO89SO)

55. le tsa Barakose, le tsa Sisera, le tsa Tama,

56. le tsa Nesia, le tsa Hatifa.

57. “Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda,

58. le tsa Jaala, le tsa Darekone, le tsa Gidele,

59. le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Amona.

60. “Basebeletsi bohle ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, ba ne ba le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.

61. “Bana bohle ke ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba sitwa ho bontsha hore malapa abo bona, le dihlooho tsa bona ke Baiseraele.

62. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi.

63. “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.

64. “Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.

Nehemia 7