5. Modimo wa ka a ntshusumetsa hore ke kgobokanye mahosana, le babusi, le setjhaba, e le hore ba tle ba balwe ka ho ya ka meloko ya bona. Ka fumana buka ya lenane la meloko, moo ho neng ho ngotswe mabitso a bathopuwa ba ileng ba kgutla pele. Ho yona ho ne ho ngotswe tsena:
6. “Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.
7. Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana.“Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:
8. Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo, le mashome a supileng a metso e mmedi;
9. ba lelapa la Shefatiya e ne e le makgolo a mararo le mashome a supileng a metso e mmedi;
10. ba lelapa la Arake e le makgolo a tsheletseng, le mashome a mahlano a metso e mmedi;
11. ba lelapa la Pahate-Moabe, e leng ditloholo tsa Jeshua le Joabe, e le dikete tse pedi le makgolo a robedi, le leshome le metso e robedi;
12. ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano a metso e mene;
13. ba lelapa la Satu e le makgolo a robedi le mashome a mane a metso e mehlano;
14. ba lelapa la Sakai e le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng;
15. ba lelapa la Binui e le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e robedi;