Nehemia 6:6-10 BIBELE (SSO89SO)

6. Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena.

7. O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: <Kgosi e teng naheng ya Juda.> Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.”

8. Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.”

9. Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!”Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”

10. Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”

Nehemia 6