Nehemia 6:16-19 BIBELE (SSO89SO)

16. Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona.

17. Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao.

18. Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya.

19. Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa.

Nehemia 6