Nehemia 6:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”

11. Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!”

12. Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate.

13. Ka baka lena, o ne a hirilwe hore a ntshose, mme ke etse kamoo a buang kateng, ke tle ke etse sebe, ba tle ba ntshenye lebitso.

14. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”

15. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso a mehlano la kgwedi ya Lwetse, ba qeta ho haha lerako. Le ne le nkile matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi, le ntse le hahuwa.

16. Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona.

Nehemia 6