Nehemia 6:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.

2. Bo-Sanebalate le Gashemu ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re tlo kopana le wena motsaneng o mong wa e phuleng ya Ono.” Empa ba ne ba rerile ho ntlhahisa kotsi.

3. Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?”

4. Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.

5. Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang.

6. Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena.

7. O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: <Kgosi e teng naheng ya Juda.> Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.”

8. Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.”

9. Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!”Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”

10. Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”

11. Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!”

12. Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate.

Nehemia 6