10. Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena!
11. Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.”
12. Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.”Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse.
13. Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!”Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.
14. Ho tloha mohla ke kgethwang hore ke be mmusisi naheng ya Juda, e leng ho tloha ka selemo sa mashome a mabedi, ho isa ho sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, ke ho re ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, rona le bana beso, ha re a ka ra ja dijo tseo e leng seabo sa mmusisi.
15. Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.
16. Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa.