Nehemia 5:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Banna le basadi ba bona ba lla haholo, ba ipelaetsa ka bana babo bona, e leng Bajuda.

2. Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.”

3. Ba bang bona ba re: “Re beile masimo a rona paneng, le dirapa tsa rona tsa morara, le matlo a rona, e le hore re tle re tsebe ho reka koro nakong ya tlala.”

4. Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.

5. Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”

6. Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le dipolelo tsa bona.

7. Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!”Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.

8. Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!

9. Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.

Nehemia 5