Nehemia 4:1-18 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Sanebalate a utlwa hore re tsosa lerako, a kgobohelwa, a halefa, a soma Bajuda.

2. Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”

3. Tobiya wa Moamone, o ne a eme pela hae, mme yena a re: “Lerakonyana lena la majwe, leo ba le hahang, ha phokojwe e ka hlwella hodima lona le ka heleha!”

4. Yaba Nehemia o re: “Re utlwe, Modimo wa rona, hobane re a nyediswa. Ako busetse thohako ena hodima bona, ba tlatlapuwe, ba iswe naheng ya baditjhaba e le bathopuwa.

5. O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”

6. Yaba re ntse re haha lerako, la ba la fihla halofong ya bophahamo ba lona, hobane setjhaba seo se ne se hlile se ikemiseditse ho haha.

7. Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo.

8. Ba rera ho futuhela Jerusalema, hore ba tsose moferefere.

9. Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu.

10. Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”

11. Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”

12. E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.”

13. Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.

14. Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”

15. Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae.

16. Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda,

17. e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo.

18. Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka.

Nehemia 4