Nehemia 3:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.

4. Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.

5. Ba lelapa la Tekowa ba le tsosa ba bapile le Sadoke. Empa mahosana a bona a se ke a kenya letsoho mosebetsing ona wa Morena wa bona.

6. Monyako wa Kgale wona wa tsoswa ke Jehoyada, mora wa Paseya, le Meshulame, mora wa Besodeya. Ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.

7. Bo-Melatiya wa Gibeone, le Jadone wa Meronote, banna ba tswang Gibeone le Misepa, ba bapa le bo-Jehoyada, ba tsosa lerako ho ya fihla ha mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese.

8. Usiele, mora wa Harahaya, eo e neng e le e mong wa malala a kgauta, a tsosa lerako a bapile le bo-Melatiya. Hananiya, e mong wa ba etsang ditlolo tse monko o monate, a bapa le Usiele, ba tsosa lerako la Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Phatlaletseng.

9. Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya.

10. Jedaya, mora wa Harumafa, a bapa le Refaya, a tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya hae. Hatushe, mora wa Hashabeniya, a le tsosa a bapile le Jedaya.

11. Malakiya, mora wa Harime, le Hashube, mora wa Pahate-Moabe, bona ba tsosa karolo ya bobedi ya lerako, hammoho le Tora ya Dibopi.

12. Shalome, mora wa Haloheshe, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a thuswa ke baradi ba hae, ba tsosa lerako ba bapile le bo-Melatiya.

13. Bo-Hanune le baahi ba Sanowa ba lokisa Monyako wa Kgohlo. Ba o haha, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Ba haha le lerako sebaka se ka etsang dimethara tse makgolo a mane le mashome a mane, ho ya fihla Monyakong wa Thotobolo.

14. Monyako wa Thotobolo wa tsoswa ke Malakiya, mora wa Rekabe, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Kereme. A o haha, a kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.

15. Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.

16. Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.

Nehemia 3