26. Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.
27. Banna ba Tekowa ba latela basebeletsi ba Tempele, le bona ba tsosa karolo e nngwe ya lerako, e tobaneng le tora e kgolo, e entseng motsu, ba ya fihla lerakong la Ofele.
28. Baprista ba tsosa lerako le kahodimo ho Monyako wa Dipere; e mong le e mong a tsosa karolo e kapele ho ntlo ya hae.
29. Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako.
30. Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae.
31. Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako.
32. Pakeng tsa kamore e kahodimo le Monyako wa Dinku, malala a kgauta le bahwebi ba tsosa lerako hona moo.