Nehemia 3:12-25 BIBELE (SSO89SO)

12. Shalome, mora wa Haloheshe, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a thuswa ke baradi ba hae, ba tsosa lerako ba bapile le bo-Melatiya.

13. Bo-Hanune le baahi ba Sanowa ba lokisa Monyako wa Kgohlo. Ba o haha, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Ba haha le lerako sebaka se ka etsang dimethara tse makgolo a mane le mashome a mane, ho ya fihla Monyakong wa Thotobolo.

14. Monyako wa Thotobolo wa tsoswa ke Malakiya, mora wa Rekabe, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Kereme. A o haha, a kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.

15. Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.

16. Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.

17. Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako.

18. Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako.

19. Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako.

20. Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe.

21. Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.

22. Baprista, e leng banna ba ahileng phuleng ya Jorodane, ba latela Meremote, le bona ba tsosa lerako.

23. Bo-Benjamine le Hashube ba latela baprista, ba tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya bona teng. Asariya, mora wa Maasiya, setloholo sa Ananiya, a latela bo-Benjamine, a tsosa lerako le pela ntlo ya hae.

24. Binui, mora wa Henadade, a latela Asariya, a tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha tlung ya Asariya, ho ya fihla hukung ya lerako.

25. Palale, mora wa Usai, a tsosa lerako moo le tobaneng le huku, le tora e entseng motsu, e tlung ya kgosi, e kahodimo, e neng e le pela lebala la tjhankana. Pedaya, mora wa Paroshe, a latela Palale, a tsosa lerako.

Nehemia 3