Nehemia 2:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.”Yaba ke tshoha haholo.

3. Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.”

4. Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”

5. Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo. Ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, mme eba e hauhetse mohlanka wa yona, a e ke e nthome naheng ya Juda, motseng oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, e le hore ke tle ke o tsose.”

6. Mofumahadi o ne a dutse lehlakoreng la kgosi, ha kgosi e re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae, mme o kgutle neng?” Kgosi ya ananela kopo ena ya ka, ya ntumella hore ke tsamaye. Ka e bolella hore na ke tla nka nako e kae.

7. Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda.

8. Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.”Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.

9. Ha ke fihla ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ka ba nea mangolo a kgosi. Kgosi e ne e rometse balaodi ba mabotho, le bahlabani ba palamang, hore ba tsamaye le nna.

10. Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.

11. Ka fihla Jerusalema, mme ka ba moo ka matsatsi a mararo.

12. Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame.

13. Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng.

14. Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.

Nehemia 2