Nehemia 2:13-20 BIBELE (SSO89SO)

13. Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng.

14. Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.

15. Ka nyolosa jwalo le bosiu, ke ikgohlile ka molatswana; ka nna ka hlahloba lerako, ka nto kgutla, ka kena ka Monyako wa Kgohlo.

16. Babusi ba ne ba sa tsebe moo ke ileng teng, kapa seo ke ileng ho se etsa; esita le Bajuda, le baprista, le mahosana, le babusi, le ba bang ba neng ba sebetsa, ke ne ke eso ka ke ba bolella letho.

17. Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.”

18. Ka ba bolella kamoo Modimo wa ka a ileng a ntlhohonolofatsa kateng; ka ba bolella le seo kgosi e mpoleletseng sona.Yaba ba re: “A re qaleng ho tsosa lerako!” Ba kena mosebetsing ona o kgabane ka mafolofolo.

19. Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”

20. Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.”

Nehemia 2