Nehemia 2:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile.

2. Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.”Yaba ke tshoha haholo.

3. Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.”

4. Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”

5. Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo. Ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, mme eba e hauhetse mohlanka wa yona, a e ke e nthome naheng ya Juda, motseng oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, e le hore ke tle ke o tsose.”

6. Mofumahadi o ne a dutse lehlakoreng la kgosi, ha kgosi e re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae, mme o kgutle neng?” Kgosi ya ananela kopo ena ya ka, ya ntumella hore ke tsamaye. Ka e bolella hore na ke tla nka nako e kae.

7. Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda.

8. Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.”Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.

Nehemia 2