Nehemia 13:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha ke fihla Jerusalema, ka elellwa bokgopo boo Eleashibe a ileng a bo etsa, ka ho lokisetsa Tobiya kamore mabaleng a Tempele ya Modimo.

8. Taba ena ya nkutlwisa bohloko haholo. Ka ntsha thepa yohle ya Tobiya ka kamoreng eo, ka e lahlela kantle.

9. Yaba ke laela hore ho hlwekiswe dikamore, mme tsa hlwekiswa. Ka nto kgutlisetsa thepa ya Tempele ya Modimo, le nyehelo ya dijo, le mokubetso, ka ho tsona.

10. Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo.

11. Jwale ka omanya babusi, ka re ho bona: “Ke ka lebaka lang le furaletseng Tempele ya Modimo?” Yaba ke a ba bokella, mme ka kgutlisetsa e mong le e mong ditulong tsa hae.

12. Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole.

13. Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.

14. Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona. O se ke wa lebala mesebetsi ya ka e metle, eo ke e etseditseng Tempele ena ya Modimo wa ka, le ditshebeletso tsa yona!”

15. Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo.

Nehemia 13