Nehemia 13:22-28 BIBELE (SSO89SO)

22. Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele.Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”

23. Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.

24. Karolo e nngwe ya bana ba bona e ne e bua puo ya Seashedode, kapa puo e nngwe ya ditjhaba tseo, empa ba sitwa ho bua Seheberu.

25. Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.

26. Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.

27. Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?”

28. E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.

Nehemia 13