17. Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?
18. Bontata lona ba ne ba etse tjena, mme Modimo wa rona a re otla, a ba a otla le motse ona. Jwale, ka ho hlompholla Sabatha, le etsa hore Modimo a halefele Baiseraele le ho feta.”
19. Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha.
20. Ka lekgetlo le le leng kapa a mabedi, bahwebi le barekisi ba thepa ya mefutafuta ba ile ba robala kantle ho Jerusalema.
21. Ka ba kgalemela, ka re: “Le roballang kantle ho lerako? Ha le ka la boela la etsa jwalo, ke tla le isa letsoho.” Ho tloha tsatsing leo, ha ba a ka ba hlola ba etla ka Sabatha.
22. Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele.Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”
23. Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.
24. Karolo e nngwe ya bana ba bona e ne e bua puo ya Seashedode, kapa puo e nngwe ya ditjhaba tseo, empa ba sitwa ho bua Seheberu.
25. Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
26. Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.
27. Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?”