Nehemia 13:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,

2. hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.

3. Eitse ha ba utlwa Molao, ba qhelela ka thoko baditjhaba bohle le bohle ba tswetsweng ke Baiseraele ba nyallaneng le baditjhaba.

4. Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.

Nehemia 13