43. Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!
44. Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.
45. Ba phetha mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa ho hlwekisa. Dibini le balebedi ba menyako le bona ba ne ba etsa jwalo, ho ya ka taelo ya Davida le ya Solomone mora wa hae.
46. Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo.
47. Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona.