Nehemia 12:38-43 BIBELE (SSO89SO)

38. Sehlopha se seng sa dibini tse etsang diteboho sa leba ka letsohong le letshehadi. Nna, Nehemia, ka se sala morao, ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba e neng e le hodima lerako, ka nqane ho Tora ya Dibopi, ho ya fihla Lerakong le Sephara,

39. le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.

40. Dihlopha tsena tse pedi tsa dibini tse etsang diteboho, tsa ema ka Tempeleng ya Modimo, hammoho le nna, le karolo e nngwe ya babusi.

41. Baprista bo-Eleakime, le Maasiya, le Miniyamine, le Mmikiya, le Eleunai, le Sekariya, le Hananiya, ba ne ba letsa diterompeta,

42. ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo.

43. Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!

Nehemia 12