Nehemia 12:28-41 BIBELE (SSO89SO)

28. Dibini le tsona tsa latwa dibakeng tse potapotileng Jerusalema, le metsaneng ya Banetofa;

29. tsa latwa le Bete-Gilegale, le dibakeng tse potapotileng Geba, le Asemafete, hobane dibini di ne di ikgahetse metse ho potapota Jerusalema.

30. Baprista le Balevi ba itlhwekisa pele, ba nto hlwekisa setjhaba, le menyako, le lerako.

31. Jwale nna, Nehemia, ka hlwesetsa mahosana a Juda hodima lerako, ka kgetha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini ho leboha. Sehlopha se seng sa ya ka letsohong le letona la lerako, ho ya nqa Monyako wa Thotobolo.

32. Sehlopha seo sa latelwa ke Hoshaya le karolo e nngwe ya mahosana a Juda,

33. le Asariya, le Esera, le Meshulame,

34. le Juda, le Benjamine, le Shemaya, le Jeremia,

35. le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo,

36. le bana babo, bo-Shemaya, le Asariele, le Milalai, le Gilalai, le Maai, le Netanele, le Juda, le Hanani, ba letsa diletsa tsa Davida, mohlanka wa Modimo. Ba ne ba eteletswe pele ke Esera eo e neng e le Setsebi sa Molao.

37. Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi.

38. Sehlopha se seng sa dibini tse etsang diteboho sa leba ka letsohong le letshehadi. Nna, Nehemia, ka se sala morao, ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba e neng e le hodima lerako, ka nqane ho Tora ya Dibopi, ho ya fihla Lerakong le Sephara,

39. le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.

40. Dihlopha tsena tse pedi tsa dibini tse etsang diteboho, tsa ema ka Tempeleng ya Modimo, hammoho le nna, le karolo e nngwe ya babusi.

41. Baprista bo-Eleakime, le Maasiya, le Miniyamine, le Mmikiya, le Eleunai, le Sekariya, le Hananiya, ba ne ba letsa diterompeta,

Nehemia 12