24. Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.
25. Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako.
26. Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao.
27. Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa.
28. Dibini le tsona tsa latwa dibakeng tse potapotileng Jerusalema, le metsaneng ya Banetofa;
29. tsa latwa le Bete-Gilegale, le dibakeng tse potapotileng Geba, le Asemafete, hobane dibini di ne di ikgahetse metse ho potapota Jerusalema.
30. Baprista le Balevi ba itlhwekisa pele, ba nto hlwekisa setjhaba, le menyako, le lerako.
31. Jwale nna, Nehemia, ka hlwesetsa mahosana a Juda hodima lerako, ka kgetha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini ho leboha. Sehlopha se seng sa ya ka letsohong le letona la lerako, ho ya nqa Monyako wa Thotobolo.
32. Sehlopha seo sa latelwa ke Hoshaya le karolo e nngwe ya mahosana a Juda,
33. le Asariya, le Esera, le Meshulame,
34. le Juda, le Benjamine, le Shemaya, le Jeremia,
35. le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo,