Nehemia 11:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Salo ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Joede, Joede ya tswetsweng ke Pedaya, Pedaya ya tswetsweng ke Kolaya, Kolaya ya tswetsweng ke Maasiya, Maasiya ya tswetsweng ke Itiele, Itiele ya tswetsweng ke Jeshaya.

8. Salo o ne a hlahlangwa ke bo-Gabai le Salai, kaofela e le banna ba makgolo a robong le mashome a mabedi a metso e robedi.

9. Mookamedi wa bona e ne e le Joele, mora wa Sikeri, mme Juda, mora wa Senua, e ne e le motlatsi wa mookamedi.

10. Baprista e ne e le Jedaya, mora wa Joyaribe, le Jakine,

11. le Seraya, mora wa Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ka Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo.

12. Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya.

13. Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere.

14. Bana babo bona, bao e neng e le bahale, ba ne ba le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Sabediele, mora wa Hagedoleme.

15. Balevi e ne e le Shemaya ya tswetsweng ke Hashube, Hashube ya tswetsweng ke Asarikama, Asarikama ya tswetsweng ke Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Buni.

16. Bo-Shabetai le Josabada, bao e neng e le dihlooho tsa Balevi, bona ba ne ba laola mesebetsi e etswang kantle ho Tempele.

17. Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.

18. Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene.

Nehemia 11