15. Balevi e ne e le Shemaya ya tswetsweng ke Hashube, Hashube ya tswetsweng ke Asarikama, Asarikama ya tswetsweng ke Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Buni.
16. Bo-Shabetai le Josabada, bao e neng e le dihlooho tsa Balevi, bona ba ne ba laola mesebetsi e etswang kantle ho Tempele.
17. Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.
18. Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene.
19. Balebedi ba menyako e ne e le bo-Akube le Talamone, le bana babo bona. Ba ne ba le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi.
20. Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, motho ka mong a aha dithakong tsa ntatae.
21. Basebeletsi ba Tempele bona ba ne ba ahile Ofele, ba okametswe ke Siha le Gishepa.
22. Mookamedi wa Balevi Jerusalema, o ne e le Usi, mora wa Bani, Bani ya tswetsweng ka Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmika. Bara ba Asafo, bao e neng e le dibini, ba ne ba okametse tshebeletso ya Tempele ya Modimo.
23. Ka taelo ya kgosi, dibini di ne di hlophiseditswe lenane leo di tla latellana ka lona tshebeletsong ya letsatsi ka leng.
24. Petahiya, mora wa Meshesabole, e mong wa ditloholo tsa Sera, mora wa Juda, e ne e le letona la kgosi ditabeng tsohle tse amanang le setjhaba.
25. Ba bang ba ditloholo tsa Juda ba ne ba ahile metseng le mathokong a yona, e leng Kiriate-Areba le metsaneng ya yona, le Dibone le metsaneng ya yona, le Jekabesele le metsaneng ya yona,
26. le Jeshua, le Molada, le Bete-Pelete,