Nehemia 11:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng.

2. Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo.

3. Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.

4. Ba bang ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, ba aha Jerusalema. Ho ba morabe wa Juda e ne e le bana: Ataya, mora wa Usiya, Usiya ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Shefatiya, Shefatiya ya tswetsweng ke Mahalalele, wa bara ba Perese,

Nehemia 11