1. Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng.
2. Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo.
3. Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.
4. Ba bang ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, ba aha Jerusalema. Ho ba morabe wa Juda e ne e le bana: Ataya, mora wa Usiya, Usiya ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Shefatiya, Shefatiya ya tswetsweng ke Mahalalele, wa bara ba Perese,
5. le Maasiya ya tswetsweng ke Baruke, Baruke ya tswetsweng ke Kolohose, Kolohose ya tswetsweng ke Hasaya, Hasaya ya tswetsweng ke Adaya, Adaya ya tswetsweng ke Joyaribe, Joyaribe ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Shilone.
6. Ditloholo tsa Perese, tse neng di ahile Jerusalema, e ne e le bahale ba bakgolo a mane le mashome a tsheletseng a metso e robedi.
7. Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Salo ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Joede, Joede ya tswetsweng ke Pedaya, Pedaya ya tswetsweng ke Kolaya, Kolaya ya tswetsweng ke Maasiya, Maasiya ya tswetsweng ke Itiele, Itiele ya tswetsweng ke Jeshaya.
8. Salo o ne a hlahlangwa ke bo-Gabai le Salai, kaofela e le banna ba makgolo a robong le mashome a mabedi a metso e robedi.
9. Mookamedi wa bona e ne e le Joele, mora wa Sikeri, mme Juda, mora wa Senua, e ne e le motlatsi wa mookamedi.
10. Baprista e ne e le Jedaya, mora wa Joyaribe, le Jakine,
11. le Seraya, mora wa Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ka Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo.
12. Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya.
13. Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere.